12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+
18 “Matsatsing ao ba tla tsamaea hammoho, ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea le ba ntlo ea Iseraele+ ’me ba tle ba tsoa naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lona e le lefa.+
19 u se bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla nka thupa ea Josefa e letsohong la Efraime le ea meloko ea Iseraele e nang le eena, ke e kopanye le thupa ea Juda. Ke tla li etsa thupa e le ’ngoe+ ’me e tla ba ntho e le ’ngoe letsohong la ka.’”