-
2 Marena 16:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha Peka mora oa Remalia a e-na le lilemo tse 17 a busa, Akaze+ mora oa Morena Jothame oa Juda ea e-ba morena. 2 Akaze o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida ea neng a etsa lintho tse thabisang Jehova.+ 3 Empa o ile a etsa lintho tse neng li etsoa ke marena a Iseraele+ a ba a chesa* mora oa hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha.
-