Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Jehova o ne a feta ka pel’a hae ’me a re: “Ke ’na Jehova, ke ’na Jehova, Molimo ea mohau+ le ea nang le kutloelo-bohloko,*+ ea liehang ho halefa+ le ea nang le lerato*+ le ’nete,*+

  • Numere 14:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 ‘Jehova, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato,*+ ea tšoarelang phoso le tlolo empa ho hang a sa tlohele ea molato hore a se ke a fuoa kotlo, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone.’+

  • Nehemia 9:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala liketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha u li etsa. Ba e-ba manganga* ’me ba khetha moeta-pele hore ba khutlele bokhobeng ba bona Egepeta.+ Empa kaha u Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela,* ea utloelang batho bohloko le ea mohau,* ea liehang ho halefa le ea lerato,*+ ha oa ka oa ba lahla.+

  • Pesaleme 106:44, 45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 44 Empa o ne a bona kamoo ba tšoenyehileng kateng,+

      A ba utloa ha ba lla ba kopa thuso.+

      45 O ne a hopola selekane sa hae seo a se entseng le bona,

      A bile a ba utloela bohloko* hobane a ba rata haholo.+

  • Mikea 7:18, 19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Na o teng Molimo ea tšoanang le uena,

      Ea tšoarelang liphoso le ea lebalang melato+ ea ba setseng ba sechaba sa Iseraele?+

      Ha u lule u halefile,

      U thabela ho bontša batho lerato.*+

      19 O tla boela a re hauhele+ ’me a hlole* liphoso tsa rona joaloka lira.

      U tla lahlela libe tsohle tsa bona botebong ba leoatle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela