-
Jeremia 26:8, 9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ha Jeremia a qetile ho bua lintho tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a li bolelle batho, joale baprista, baprofeta le batho bohle ba mo tšoara eaba ba re: “U tl’o shoa. 9 Ke hobane’ng ha u profetile ka lebitso la Jehova, oa re ntlo ee e tla ba joaloka Shilo ’me motse oo o tla ripitloa o sale o se na baahi?” Batho bohle ba bokanela Jeremia ka tlung ea Jehova.
-