Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 6:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Molimo a re ho Noe: “Ke entse qeto ea ho felisa batho bohle hobane lefatše le tletse ntoa ka lebaka la bona. Ke tla ba felisa hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.*+

  • Genese 18:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jehova a re: “Na ke patela Abrahama seo ke tl’o se etsa?+

  • Pesaleme 25:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Jehova ke motsoalle oa ba mo tšabang,+

      O ba tsebisa selekane sa hae.+

  • Esaia 42:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Bonang, lintho tsa khale li etsahetse,

      Joale ke bolela lintho tse ncha.

      Pele li hlaha, ke le bolella ka tsona.”+

  • Daniele 9:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 A nthusa hore ke utloisise lintho tse tl’o etsahala. A re:

      “Daniele, ke tlile ho tla u thusa hore u lemohe u be u utloisise lintho tsena.

  • Tšenolo 1:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Tsena ke lintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a li bolelloa ke Molimo+ e le hore a bontše bahlanka ba Molimo+ lintho tse tla etsahala haufinyane. Jesu Kreste o ile a roma lengeloi ho Johanne mohlanka oa hae+ hore le mo bontše ka toro lintho tse tla etsahala ka moso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela