25 Ke tla le fafatsa ka metsi a hloekileng ’me le tla hloeka.+ Ke tla le hloekisa litšila tsohle tsa lona+ ke be ke tlose litšoantšo tsohle tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang.+
2 Jehova oa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng ena+ ’me li ke ke tsa hlola li hopoloa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse lintho tse sa hloekang.