3 Jehova o re: “Sebetsang ka toka le ho loka. Motho ea utsoetsoang le mo pholose letsohong la molotsana. Le se ke la tšoara molichaba hampe ’me le se ke la ntša khutsana* kapa mohlolohali kotsi.+ Le se ke la bolaea batho ba se nang molato sebakeng sena.+
9 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona likhosana tsa Iseraele, joale le se le feteletse.
Tlohelang ntoa le ho hatella batho ’me le etse lintho hantle le be le tšoare batho ka toka.+ Tlohelang ho nkela batho ba ka libaka tsa bona,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.