5 Mosali oa hae Jezebele+ a ea ho eena a re: “Ke hobane’ng ha u utloile bohloko hakaale ebile u sa batle le ho ja?” 6 Akabe a re ho eena: “Ke hobane ke itse Nabothe oa Mojezriele a nthekisetse serapa sa hae sa morara kapa haeba a batla ke mo fe serapa se seng sa morara empa o hanne.”