Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 28:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Jehova o tla ema joalokaha a ile a ema Thabeng ea Perazime.

      O tla halefa joalokaha a ile a halefa khohlong* e haufi le Gibeone+

      E le hore a etse ketso ea hae e makatsang

      Le hore a etse mosebetsi oa hae o sa tloaelehang.+

  • Esaia 29:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka hona, ke tla boela ke etse lintho tse makatsang ka batho bana,+

      Ke tla ba makatsa ke boele ke ba makatse.

      Bohlale ba bahlalefi ba bona bo tla fela

      Le kutloisiso ea bahlalefi ba bona e tla patoa.”+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova o bonahalitse bohale ba hae,

      O bontšitse hore o halefile haholo.+

      O hotetsa Sione ka mollo o chesang metheo ea eona kaofela.+

      ל [Lamed]

      12 Marena le baahi bohle ba lefatše ba ne ba sa lumele

      Hore mohanyetsi le sera ba tla kena likeiting tsa Jerusalema.+

  • Liketso 13:40, 41
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 Joale itlhokomeleng hore ntho ena e boletsoeng libukeng tsa Baprofeta e se ke ea le etsahalla: 41 ‘Lona ba ratang ho nyefola, le tla bona mesebetsi eo ke e etsang mehleng ea lona le be le makale empa le tla timela. Le ke ke la kholoa hore ke ntse ke etsa mesebetsi ena leha motho e mong a ka le phetela eona ka ho hlaka.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela