Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 33:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+

  • 2 Likronike 33:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka mor’a moo, a haha lerako le ka ntle bakeng sa Motse oa Davida+ ka bophirimela ho Gihone+ khohlong ho fihla Keiting ea Litlhapi.+ A etsa hore le potolohe Ofele+ le be le phahame haholo. Hape a beha balaoli ba masole metseng eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka marako.

  • Nehemia 3:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Bara ba Hasena ba ile ba haha Keiti ea Litlhapi,+ ba e etsa ka lifate+ eaba ba kenya mamati a eona, ba kenya lithupa tsa eona tse koalang menyako ’me ba kenya le mekoallo ea eona.

  • Nehemia 12:38, 39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Sehlopha se seng sa libini tsa liteboho se ne se tsamaea se hlaha ka lehlakoreng le leng* ’me ’na ka se sala morao hammoho le halofo ea batho. Sa feta Tora ea Lionto,+ Lerakong le Sephara+ 39 le ka holim’a Keiti ea Efraime,+ Keiting ea Motse oa Khale,+ Keiting ea Litlhapi,+ Toreng ea Hananiele,+ Toreng ea Mea le Keiting ea Linku+ eaba se emisa Keiting ea Balebeli.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela