Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 61:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Le tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habeli ho e-na le ho hlajoa ke lihlong,

      Le tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ea lona ho e-na le ho tlotloloha.

      Ba tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habeli naheng ea bona.+

      Ba tla thaba ka ho sa feleng.+

  • Jeremia 30:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jehova o re: “Uena Jakobo mohlanka oa ka, u se ke oa tšoha,

      U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+

      Etsoe ke tla u pholosa u le hole,

      Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba ne ba haptjoa.+

      Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutso,

      Ho se na motho ea tla mo tšosa.”+

  • Jeremia 33:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ke tla khutlisa batho ba Juda le ba Iseraele+ ba hapuoeng ’me ke tla ba matlafatsa joaloka pele.+

  • Jeremia 33:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Lebitso la motse ona le tla nthabisa ’me lichaba tsohle tsa lefatše tse tla utloa ka melemo eohle eo ke ba etselitseng eona li tla nthorisa le ho ntlotlisa ka lebaka la oona.+ Li tla tšoha li thothomele+ ka lebaka la melemo eohle le khotso eohle eo ke tla e tlisa motseng ona.’+

  • Ezekiele 39:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla khutlisa batho ba Jakobo ba neng ba isitsoe botlamuoeng,+ ke ba khutlisetse naheng ea bona ’me ke hauhele Baiseraele bohle.+ Ke tla etsa kahohle ho loanela lebitso la ka le halalelang.+

  • Ezekiele 39:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ha ke ba ntša lichabeng ebile ke ba lata linaheng tsa lira tsa bona,+ ke tla ikhalaletsa har’a bona lichaba tse ngata li ntse li shebile.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela