17 Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo,
Ke tlise silevera ho e-na le tšepe.
Ke tla tlisa koporo ho e-na le lehong,
Ke tlise tšepe ho e-na le majoe.
Ke tla beha khotso hore e be molebeli oa hao
Le ho loka hore ho u abele mosebetsi.+
18 Ntoa ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno
Kapa timetso le tšenyo ka har’a meeli ea heno.+
U tla bitsa marako a hao Poloko+ le likeiti tsa hao Thoriso.