Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 2:15-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha Jesu a ne a lutse tafoleng ha Levi, babokelli ba lekhetho le baetsalibe ba bangata ba tla ’me ba lula le eena le barutuoa ba hae eaba ba bangata e e-ba balateli ba hae.+ 16 Empa ha bangoli ba Bafarisi ba bona hore o ne a ja le baetsalibe le babokelli ba lekhetho, ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” 17 Ha Jesu a utloa hore na ba re’ng a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka. Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.”+

  • Luka 5:29-32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Levi o ne a mo etselitse mokete o moholo ha hae. Ho ne ho e-na le babokelli ba lekhetho ba bangata le batho ba bang ba lutseng hammoho tafoleng ba ja.+ 30 Eaba Bafarisi le bangoli ba bona ba qala ho korotlela barutuoa ba hae ba re: “Ke hobane’ng ha le ja le bile le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 31 Jesu a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.+ 32 Ha kea tlela batho ba lokileng, ke tletse ho phehella baetsalibe hore ba bake.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela