Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 2:21, 22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ha ho motho ea ka rokellang lesela le lecha leseleng la khale hobane haeba a ka etsa joalo, lesela le lecha le tla rutla la khale ebe la khale le taboha le ho feta.+ 22 Hape, ha ho motho ea ka tšelang veine e ncha ka makukeng* a khale a veine. Haeba a etsa joalo, veine e tla phatlola makuka ao ebe eona hammoho le makuka lia senyeha. Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha.”

  • Luka 5:36-39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 A boela a etsa papiso a re: “Ha ho motho ea sehang lesela seaparong se secha ebe o le rokella ho sa khale. Haeba a ka etsa joalo, lesela le lecha le tla tabola seaparo sa khale ebile ha le na ho tšoana le lesela la seaparo sa khale.+ 37 Hape ha ho motho ea ka tšelang veine e ncha ka makukeng* a khale a veine. Ha a ka etsa joalo, veine e tla phatlola makuka ao e qhalane ebe aa senyeha. 38 Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha. 39 Ha ho motho ea ka batlang veine e ncha ka mor’a ho noa ea khale hobane o re: ‘Ea khale e monate.’”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela