-
Mareka 5:38-43Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
38 Kahoo, ba tla ntlong ea molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* ’me Jesu a fumana ho le moferefere, batho ba lla habohloko.+ 39 Ka mor’a hore a kene, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le lla ebile le entse moferefere? Ngoana ha aa shoa, o robetse.”+ 40 Eaba baa mo tšeha. A ba ntšetsa ka ntle kaofela, a lumella feela batsoali ba ngoana eo le barutuoa bao a neng a e-na le bona hore ba ee moo ngoana eo a neng a le teng. 41 A tšoara ngoana eo ka letsoho a re ho eena: “Talitha kumi,” eo ha e fetoleloa e bolelang: “Ngoanana, ke re ho uena, tsoha.”+ 42 Ngoanana eo a tsoha hang-hang ’me a qala ho tsamaea. (O ne a le lilemo li 12.) Batho ba thaba haholo. 43 Empa a ba laela ka makhetlo* hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka taba ena+ ’me a re ngoanana eo a fuoe lijo.
-
-
Luka 8:52-56Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
52 Batho bohle ba ne ba bokolla hobane ba utloile bohloko ka lebaka la mofu. Empa Jesu a re ho bona: “Khaotsang ho lla+ hobane ha aa shoa, o robetse.”+ 53 Ba mo tšeha hobane ba tseba hore ngoana o shoele. 54 A mo tšoara ka letsoho a mo hoeletsa a re: “Ngoanana, tsoha!”+ 55 A tsoha* hang-hang+ eaba Jesu o re a fuoe lijo. 56 Batsoali ba hae ba ne ba thabile haholo empa Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella batho hore na ho etsahetse’ng.+
-