-
Matheu 16:24, 25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso* ’me a ’ne a ntatele.+ 25 Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoang hobane e le molateli oa ka, o tla phela hape.+
-
-
Mareka 8:34, 35Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
34 Jesu a bitsa letšoele le barutuoa ba hae ’me a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso* ’me a ’ne a ntatele.+ 35 Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoellang ho ba molateli oa ka le ho amohela molaetsa oa Molimo o tla phela hape.+
-