Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 9:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Eare ha Jesu a tloha moo, banna ba babeli ba sa boneng+ ba mo sala morao ba hoeletsa ba re: “Mora oa Davida, re hauhele.”

  • Mareka 10:46-52
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Eaba Jesu le barutuoa ba hae ba kena Jeriko. Ha ba tsoa Jeriko ba e-na le letšoele le leholo, Bartimiase (mora oa Timiase) e leng monna oa mokopa-kopa ea sa boneng, o ne a lutse pel’a tsela.+ 47 Ha a utloa hore Jesu oa Monazaretha oa feta, a hoeletsa a re: “Jesu, Mora oa Davida,+ nkhauhele!”+ 48 Eaba batho ba bangata baa mo khalemela ba re a thole empa a ’na a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 49 Kahoo, Jesu a ema ’me a re: “E-reng a tle.” Eaba ba bitsa monna eo ba re ho eena: “E-ba sebete! Ema, oa u bitsa.” 50 A lahla seaparo sa hae, a ema kapele a ea ho Jesu. 51 Jesu a re ho eena: “U batla hore ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Rabboni,* e-re ke boele ke bone.” 52 Eaba Jesu o re ho eena: “Tsamaea. Tumelo ea hao e u folisitse.”+ Hang-hang a boela a bona+ ’me a qala ho mo latela.

  • Luka 18:35-43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ha Jesu a atamela Jeriko, ho ne ho e-na le monna e mong ea sa boneng ea lutseng pel’a tsela a ntse a kopa.+ 36 Kaha o ile a utloa letšoele le feta, a botsa hore na ho etsahala’ng. 37 Ba re ho eena: “Jesu oa Monazaretha oa feta.” 38 Eaba oa hoeletsa o re: “Jesu Mora oa Davida, nkhauhele!” 39 Ba neng ba tsamaea ka pele-pele letšoeleng ba mo khalemela ba re a thole empa a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 40 Jesu a ema a re monna eo a tlisoe ho eena. Ha a se a atametse, Jesu a re ho eena: 41 “U batla ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Morena, e-re ke boele ke bone.” 42 Kahoo, Jesu a re ho eena: “Mahlo a hao a ke a boele a bone, tumelo ea hao e u folisitse.”+ 43 Hang-hang a boela a bona ’me a qala ho mo latela+ a rorisa Molimo. Ha batho bohle ba bona mohlolo oo, le bona ba rorisa Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela