-
Mareka 11:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Thabeng ea Mehloaare moo Bethefage le Bethani+ li leng hona teng eaba Jesu o roma barutuoa ba babeli+ 2 ’me a re ho bona: “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Hang ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoeng. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 3 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Ke hobane’ng ha le etsa tjee?’ Le re: ‘Morena oa e hloka ’me o tla e khutlisetsa mona hang-hang.’”
-
-
Luka 19:28-31Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a nyolohela Jerusalema. 29 Ha a atamela Thaba ea Mehloaare+ moo Bethefage le Bethani li leng hona teng, a roma barutuoa ba babeli+ a re: 30 “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoe. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 31 Ea tla le botsa hore na le e tlamollela’ng le mo joetse hore Morena oa e hloka.”
-