35 Jesu a qala ho etela metse le metsana eohle, a ruta ka matlung a thapelo,* a bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso a bile a phekola mafu a mefuta eohle.+
19 Ka hona, e-eang le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,+ le ba kolobetse+ ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang. 20 Le ba rute ho mamela lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.+ Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše* le fela.”+
6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng. Le ne le phatlalatsa litaba tse monate tse sa feleng, le li bolella batho ba lulang lefatšeng, ba merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.+