-
Luka 19:20-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Empa le leng la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao ke ena, esale ke e bolokile ka har’a lesela. 21 Ke ne ke u tšaba hobane u motho ea se nang mohau, u ithuisa ka mosebetsi oa motho e mong ebile u kotula moo u sa jalang.’+ 22 Morena a re ho lona: ‘Uena lekhoba le khopo, ke u ahlola ka mantsoe a hao. Ha u tsebile hore ke motho ea se nang mohau, ea ithuisang ka mosebetsi oa motho e mong ea bileng a kotulang moo a sa jalang,+ 23 ha oa isa chelete* ea ka bankeng ke’ng ke tle ke e late e e-na le tsoala ha ke khutla?’
-