-
Luka 4:9-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Diabolose a mo isa Jerusalema, a mo emisa holim’a tora* ea tempele eaba o re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše+ 10 etsoe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho uena hore a u sireletse. 11 A tla u jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe.’”+ 12 Jesu a re ho eena: “Ho itsoe: ‘U se ke oa leka Jehova* Molimo oa hao.’”+
-