-
Mareka 15:29-32Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya lihlooho+ ba re: “Halala! U itse u tla heletsa tempele u be u e hahe ka matsatsi a mararo.+ 30 Theoha palong eo u khokhothetsoeng ho eona u ipholose.” 31 Baprista ba baholo le bangoli le bona ba mo soma ba re: “O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa.+ 32 Joale haeba ke Kreste Morena oa Iseraele, ha a theohe palong eo a khokhothetsoeng ho eona re bone, re tsebe ho lumela.”+ Esita le ba neng ba khokhothetsoe lipalong pel’a hae ba ile ba mo rohaka joalo.+
-