38 Etsoe mehleng eo pele ho Moroallo, batho ba ne ba ja, ba noa, banna ba nyala le basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona.+ 39 Ha baa ka ba elelloa ho fihlela Moroallo o fihla, o ba hohola kaofela.+ Ho tla ba joalo ha Mor’a motho a e-ba teng.