-
Luka 8:35-37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Batho ba tsoa ho ea bona hore na ho etsahetse’ng. Ba tla ho Jesu ’me ba fumana monna eo bademona ba tsoileng ho eena a apere a bile a hlaphohetsoe kelellong, a lutse maotong a Jesu eaba baa tšoha. 36 Batho ba boneng hore na ho etsahetse’ng ba ba bolella hore na monna eo ea neng a e-na le bademona o folisitsoe joang. 37 Batho ba bangata ba tsoang naheng ea Bagerasa ba kopa Jesu hore a tsamaee hobane ba ne ba tšohile haholo. Kahoo, a kena sekepeng a tsamaea.
-