-
Matheu 14:24-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Ka nako ena, sekepe se ne se le hole le lebopo ka limithara tse makholo-kholo,* barutuoa ba sokolisoa ke maqhubu hobane moea o ne o le matla haholo. 25 Empa ka meso* a tla ho bona a tsamaea holim’a leoatle. 26 Ha barutuoa ba mo bona a tsamaea holim’a leoatle ba hoeletsa ba tšohile ba re: “Ke’ng ntho e tlang le moo?”* 27 Hang-hang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 28 Petrose a re ho eena: “Morena, haeba ke uena, e-re ke tle ho uena ke tsamaea holim’a metsi.” 29 Jesu a re: “Tloo!” Eaba Petrose o theoha sekepe o ea ho Jesu a tsamaea holim’a metsi. 30 Empa ha a bona sefefo, a tšoha eaba oa teba. A hoeletsa a re: “Morena, mpholose!” 31 Kapele-pele Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara ’me a re ho eena: “Tumelo ea hao e fokola hakaakang! Ke hobane’ng ha u ile oa belaela?”+ 32 Ka mor’a hore ba kene ka sekepeng, sefefo sa kokobela. 33 Joale ba ka sekepeng ba mo khumamela* ba re: “Kannete u Mor’a Molimo.”
-
-
Johanne 6:16-21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba hae ba theohela leoatleng.+ 17 Ba palama sekepe, ba tšelela ka nģ’ane ho leoatle ho ea Kapernauma. Ka nako eo, ho ne ho se ho le lefifi empa Jesu a e-s’o fihle ho bona.+ 18 Kaha moea o ne o le matla, leoatle le ne le befile.+ 19 Ha ba se ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang hlano kapa tse tšeletseng* ka sekepe, ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle a atamela ho bona eaba baa tšoha. 20 A re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 21 Joale ba utloa ba lokolohile hore a ka kena ka sekepeng eaba sekepe se fihla lebopong moo ba neng ba ea teng.+
-