-
Matheu 18:1-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo ’Musong oa maholimo?”+ 2 A bitsa ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona 3 ’me a re: “Kannete kea le bolella hore ha le sa fetohe la tšoana le bana ba banyenyane,+ ho hang le ke ke la kena ’Musong oa maholimo.+ 4 Ka hona, mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa, ke eena e moholo ’Musong oa maholimo.+ 5 Hape mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela.
-
-
Luka 9:46-48Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
46 Ba qala ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona.+ 47 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a nka ngoana e monyenyane a mo emisa pel’a hae 48 eaba o re ho bona: “Mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka le ’na oa nkamohela. Mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.+ Etsoe ea itšoarang joaloka ngoana e monyenyane har’a lona kaofela ke eena e moholo.”+
-