20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ea lona ea fokola. Kannete kea le bolella hore haeba tumelo ea lona e lekana le peo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona u ee mane,’ ebe ea tloha ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.”+
21 Jesu a ba araba a re: “Kannete ke re ho lona, haeba feela le e-na le tumelo ’me le sa belaele, le tla etsa seo ke se entseng ka sefate sa feie. Hape haeba le re ho thaba ena: ‘Phahama u e’o oela ka leoatleng,’ ho tla etsahala.+
6 Morena a re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e lekanang le peo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo: ‘Tloha mona u e’o mela ka leoatleng’ ebe sea le mamela.+