-
Matheu 21:23-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ka mor’a hore a kene ka tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba sechaba ba tla ho eena ha a ntse a ruta ’me ba re: “Lintho tsee u li etsa ka matla afe? Hona ke mang ea u fileng ’ona?”+ 24 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le ’ngoe. Haeba le ka nkaraba le ’na ke tla le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe. 25 Ke mang ea fileng Johanne matla a ho kolobetsa? Ke Molimo* kapa ke batho?” Eaba baa buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Molimo,’ o tla re ho rona: ‘Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la lumela ho eena?’+ 26 Empa haeba re re: ‘O a filoe ke batho,’ letšoele lee le tla re etsa’ng hobane kaofela le nka Johanne e le moprofeta?” 27 Kahoo, ba araba Jesu ba re: “Ha re tsebe.” Le eena a re ho bona: “Le ’na nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa lintho tsena hokae.
-
-
Luka 20:1-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Ka le leng la matsatsi ha a ntse a ruta batho ka tempeleng, a ba bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo,* baprista ba baholo, bangoli le baholo ba tla ho eena 2 eaba ba re: “Ak’u re joetse, lintho tsee u li etsa ka matla afe? Hona ke mang ea u fileng ’ona?”+ 3 Eena a re ho bona: “Le ’na ke tla le botsa potso le nkarabe. 4 Na ke Molimo* ea fileng Johanne matla a ho kolobetsa kapa o a filoe ke batho?” 5 Eaba baa buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Molimo,’ o tla re ho rona: ‘Joale ke hobane’ng ha le sa ka la lumela ho eena?’ 6 Empa haeba re re: ‘O a filoe ke batho,’ batho kaofela ba tla re tlepetsa ka majoe hobane ba kholisehile hore Johanne e ne e le moprofeta.”+ 7 Eaba ba re ha ba tsebe hore na o a fuoe ke mang. 8 Jesu a re ho bona: “Le ’na nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa lintho tsena hokae.”
-