-
Matheu 21:33-41Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
33 Papiso e ’ngoe ke ena: Motho e mong o ne a e-na le tšimo ea morara.+ O ile a e lema, a e kampela eaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tšimo eo eaba o etela hole.+ 34 Ha nako ea ho kotula morara e fihla, a roma makhoba a hae ho balemi ho ea lata morara. 35 Balemi bao ba tšoara makhoba a hae. Ba khakhatha le leng, ba bolaea le leng ’me ba tlepetsa le leng ka majoe.+ 36 A boela a roma makhoba a mang, a mangata ho feta a pele empa le ’ona ba a etsa joalo.+ 37 A qetella a romme mora oa hae ho bona, a nahana hore ba tla hlompha mora oa hae. 38 Ha balemi ba bona mora ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa.+ A re mo bolaeeng re tle re je lefa la hae.’ 39 Kahoo, ba mo tšoara ba mo lahlela ka ntle ho tšimo eo eaba baa mo bolaea.+ 40 Joale ha mong’a tšimo a tla, o tla ba etsa’ng balemi bao?” 41 Ba re ho eena: “Kaha ba khopo, o tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara, ba tla mo fa karolo ea hae ka nako ea kotulo.”
-
-
Luka 20:9-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 A etsetsa batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema tšimo ea morara,+ a e hirisetsa balemi eaba o etela hole ka nako e telele.+ 10 Ha nako ea ho kotula e fihla, a roma lekhoba la hae ho balemi e le hore ba ka le fa morara o mong. Empa balemi bao ba le khakhatha eaba ba le khutlisa le se na letho.+ 11 A roma lekhoba le leng hape. Le lona ba le khakhatha, ba le rohaka* eaba ba le khutlisa le se na letho. 12 A roma le leng hape. Le lona ba le otla ba le ntša maqeba eaba baa le leleka. 13 Eaba mong’a tšimo ea morara o re: ‘Ebe ke tla etsa joang? Ke tla roma mora oa ka eo ke mo ratang.+ Mohlomong eena ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba mo bona ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa. A re mo bolaeeng ebe re nka lefa la hae.’ 15 Eaba ba mo lahlela ka ntle ho tšimo ea morara ’me ba mo bolaea.+ Mong’a tšimo eo o tla ba etsa’ng? 16 O tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara.”
Ha ba utloa litaba tsena ba re: “E se eka ntho e joalo e ke ke ea etsahala.”
-