-
Matheu 22:42-45Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
42 “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” Ba re ho eena: “Oa Davida.”+ 43 A re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha moea o halalelang o ile oa susumelletsa Davida+ hore a mo bitse Morena, a re: 44 ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao”’?+ 45 Joale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora oa hae joang?”+
-
-
Luka 20:41-44Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
41 Eaba o re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha batho ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 42 Bukeng ea Lipesaleme Davida o re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 44 Joale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora oa hae joang?”
-