Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 4:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Tsamaea, ke tla ba le uena ha u ntse u bua* ’me ke tla u bolella* hore na u re’ng.”+

  • Matheu 10:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Leha ho le joalo, ha ba le isa le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng kapa le tla bua joang. Le tla tseba ka nako eo hore na le re’ng.+ 20 Le ke ke la bua ka bolona empa moea oa Ntate oa lona o tla le thusa ho bua.+

  • Luka 12:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha ba le tlisa ka pel’a liphutheho,* babusi le balaoli, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng kapa le tla bua joang ha le itšireletsa+ 12 hobane moea o halalelang o tla le tsebisa ka nako eo hore na le re’ng.”+

  • Luka 21:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka hona, ha ho hlokahale hore le rere esale pele hore na le tla re’ng ha le itšireletsa+ 15 kaha ke tla le fa mantsoe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitoa ho bo hanyetsa kapa ho bo loantša.+

  • Liketso 4:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Petrose a bua a tletse moea o halalelang+ a re:

      “Babusi ba sechaba le lona baholo

  • Liketso 6:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa banna ba bang ba sehlopha se bitsoang Ntlo ea Thapelo* ea Batho ba Lokolotsoeng, ba tla ho tla pheha khang le Setefane. Ba ne ba e-na le Basaerene, Baalexandria le batho ba bang ba tsoang Silisia le Asia. 10 Leha ho le joalo, ba ne ba sa khone ho ikemela hobane Setefane a le bohlale a bile a thusoa ke moea o halalelang ho bua.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela