Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 27:33-37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Ha masole a fihla Golgotha, e bolelang Sebaka sa Lehata,+ 34 a mo fa veine e tsoakiloeng le nyooko* hore a e noe.+ Empa ka mor’a ho e latsoa, a hana ho e noa. 35 A mo khokhothela palong eaba a aba liaparo tsa hae ka ho lahla lotho+ 36 ’me a lula moo a mo kata. 37 Ka holim’a hlooho ea hae a beha boto e ngotsoeng hore na o qoselitsoe’ng. E ne e re: “Enoa ke Jesu Morena oa Bajuda.”+

  • Luka 23:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Ha ba fihla sebakeng se bitsoang Lehata,+ ba mo khokhothela palong lipakeng tsa litlokotsebe tseo, se seng se le ka ho le letona, se seng ka ho le letšehali.+

  • Johanne 19:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jesu a tsamaea a jere palo eo a neng a tl’o khokhotheloa ho eona,* a ea moo ho thoeng ke Sebaka sa Lehata.+ Ka Seheberu se bitsoa Golgotha.+

  • Baheberu 13:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Kahoo, Jesu le eena o ile a hlokofatsoa a le ka ntle ho motse*+ e le hore a ka halaletsa batho ka mali a hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela