16 Johanne a re ho bona kaofela: “’Na ke le kolobetsa ka metsi empa ho na le ea matla ho mpheta ea tlang, eo ke sa tšoaneleheng ho fasolla marapo a lieta* tsa hae.+ O tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo.+
26 Johanne a re: “’Na ke kolobetsa ka metsi. Ho na le motho har’a lona eo le sa mo tsebeng. 27 Ke eena ea tlang ka mor’a ka, eo ke sa tšoaneleheng ho fasolla marapo a lieta* tsa hae.”+
25 Ha Johanne a se a ntse a tl’o qeta tšebeletso ea hae, o ne a atisa ho re: ‘Ha ke motho eo le nahanang hore ke eena. Ho na le ea tlang ka mor’a ka eo ke sa tšoaneleheng ho mo rolisa lieta.’*+