Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 14:3-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Heroda o ne a ile a tšoara Johanne a mo tlama ’me a mo koalla teronkong ka lebaka la Herodiase. Qalong Herodiase e ne e le mohats’a Filipi moholoane oa Heroda.+ 4 Johanne o ne a ee a re ho Heroda: “Molao ha o u lumelle hore u nyale mosali eo.”+ 5 Heroda o ne a batla ho bolaea Johanne le hoja a ne a tšaba batho hobane ba ne ba mo nka e le moprofeta.+

  • Mareka 6:17-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Heroda o ne a ile a tšoara Johanne, a mo tlama a mo koalla teronkong ka lebaka la Herodiase. Herodiase e ne e le mohats’a Filipi moholoane oa Heroda, empa Heroda a mo nyala.+ 18 Johanne o ne a ee a re ho Heroda: “Molao ha o u lumelle hore u nyale mosali oa moholoane oa hao.”+ 19 Kahoo, Herodiase o ne a jere Johanne ka pelo ’me a batla ho mo bolaea empa o ne a sitoa. 20 Heroda o ne a tšaba Johanne hobane a tseba hore ke monna ea lokileng,+ ea halalelang ’me o ne a mo sirelelitse. Nako le nako ha Johanne a ne a buile le eena, o ne a qakeha a sa tsebe hore na a etse’ng ka eena empa o ne a ntse a rata ho mo mamela.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela