Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 9:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Batho ba mo tlisetsa monna ea shoeleng litho a robetse holim’a lempara. Ha Jesu a bona kamoo ba nang le tumelo kateng, a re ho motho ea shoeleng litho: “Ngoan’eso,* u se ke oa tšoenyeha. U tšoaretsoe libe.”+

  • Mareka 2:3-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Eaba ba mo tlisetsa motho ea shoeleng litho a kakasitsoe ke banna ba bane.+ 4 Empa ba ne ba sa khone ho mo tlisa ho Jesu hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Kahoo, ba tlosa marulelo eaba ba theola lempara leo motho ea shoeleng litho a neng a robetse ho lona. 5 Ha a bona kamoo ba nang le tumelo kateng,+ a re ho motho ea shoeleng litho: “Ngoan’eso,* u tšoaretsoe libe.”+ 6 Ba bang ba bangoli ba ne ba lutse moo ba ntse ba re ka lipelong:+ 7 “Ke hobane’ng ha monna eo a bua tjee? O tella Molimo. Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo?”+ 8 Empa hang-hang Jesu a tseba* hore ba nahana joalo eaba o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse joalo?+ 9 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re ho motho ea shoeleng litho: ‘U tšoaretsoe libe’ kapa ke ho re: ‘Ema u nke lempara la hao u tsamaee’? 10 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho+ o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng . . . ”+ A re ho motho ea shoeleng litho: 11 “Ke re ho uena, ema u nke lempara la hao u ee hae.” 12 A ema eaba hang-hang o nka lempara la hae o tsamaea ba ntse ba mo shebile. Kaofela ba hlolloa ’me ba tlotlisa Molimo ba re: “Ha re e-s’o bone ntho e tjena haesale.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela