-
Matheu 9:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Barutuoa ba Johanne ba tla ho eena ba re: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa itime lijo empa rona le Bafarisi re tloaetse ho itima lijo?”+ 15 Jesu a re ho bona: “Na metsoalle ea monyali e na le lebaka la ho utloa bohloko ha monyali+ a ntse a e-na le eona? Empa ho na le nako eo monyali a tla tlosoa ho metsoalle ea hae,+ joale ke hona e tla itima lijo.
-
-
Mareka 2:18-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Bafarisi le barutuoa ba Johanne ba ne ba tloaetse ho itima lijo. Kahoo, ba tla ’me ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa itime lijo empa barutuoa ba Johanne le Bafarisi ba tloaetse ho itima lijo?”+ 19 Eaba Jesu o re ho bona: “Na metsoalle ea monyali+ e na le lebaka la ho itima lijo ha monyali a ntse a e-na le eona? Hafeela monyali a ntse a le teng e ke ke ea itima lijo. 20 Empa ho na le nako eo monyali a tla tlosoa ho metsoalle ea hae,+ joale ke hona e tla itima lijo.
-