-
Matheu 7:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ke hobane’ng ha u sheba lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno empa uena u sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 4 Kapa ke joang u ka reng ho ngoan’eno: ‘E-re ke ntše lehlokoana ka leihlong la hao’ empa uena u e-na le lepolanka ka leihlong? 5 Uena moikaketsi, ntša lepolanka le ka leihlong la hao pele, u tsebe ho bona hantle hore na u ka ntša lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno joang.
-