-
Matheu 11:16-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Moloko oo ke tla o bapisa le mang?+ O joaloka bana ba banyenyane ba lutseng limmarakeng ba ntseng ba buisana le metsoalle ea bona 17 ba re: ‘Re ile ra le letsetsa lekolilo eaba ha le tantše, ra lla eaba ha le utloe bohloko.’ 18 Ka tsela e tšoanang, Johanne o tlile a sa je, a sa noe empa batho ba re: ‘O na le modemona.’ 19 Mor’a motho eena o tlile a ja, a noa+ empa batho ba re: ‘Bonang motho enoa ea jang ho feta tekano le ea ipolaisang veine. Ke motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe.’+ Leha ho le joalo, lintho tse lokileng tseo motho a li etsang li bontša hore o bohlale.”+
-