Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 13:3-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 A ba ruta lintho tse ngata ka ho ba etsetsa lipapiso.+ A re: “Mojali o ile a tsoa ho ea jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela eaba linonyana lia e ja.+ 5 E ’ngoe ea oela lipakeng tsa majoe moo ho se nang mobu o mongata. Ea mela hang-hang hobane mobu o ne o sa teba.+ 6 Ha letsatsi le chaba ea cha eaba ea omella hobane e ne e se na metso. 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba meutloa ea hola ea e bipetsa.+ 8 E ’ngoe eona ea oela mobung o motle ’me ea qala ho beha litholoana. Peo e ’ngoe ea beha tse 100, e ’ngoe tse 60, e ’ngoe tse 30.+ 9 Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+

  • Mareka 4:3-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Mamelang, mojali o ile a tsoa ho ea jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela eaba linonyana lia e ja. 5 E ’ngoe ea oela lipakeng tsa majoe moo ho se nang mobu o mongata. Ea mela hang-hang hobane mobu o ne o sa teba.+ 6 Ha letsatsi le chaba ea cha eaba ea omella hobane e ne e se na metso. 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba meutloa ea hola ea e bipetsa, ea se ke ea beha litholoana.+ 8 E ’ngoe eona ea oela mobung o motle, ea hola ea e-ba kholo ’me ea qala ho beha litholoana. Peo e ’ngoe ea beha litholoana tse imenneng ka makhetlo a 30, e ’ngoe ea beha tse imenneng ka makhetlo a 60, e ’ngoe eona ea beha tse imenneng ka makhetlo a 100.”+ 9 A boela a re: “Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+

  • Luka 8:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Peo e jetsoeng haufi le tsela ke batho ba utloileng lentsoe ebe Diabolose oa tla, o tlosa lentsoe leo lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba le lumela ’me ba pholoha.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela