Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 8:28, 29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ha a fihla lehlakoreng le leng naheng ea Bagadara, banna ba babeli ba nang le bademona ba ea ho eena ba hlaha mabitleng.+ Ba ne ba le bohale bo tšosang. Kahoo, ho ne ho se na motho ea sebete sa ho feta ka tsela eo. 29 Ba hoeletsa ba re: “Hantle u re batla’ng Mor’a Molimo?+ Na u tlile moo ho tla re hlokofatsa+ e e-s’o be nako ea teng?”+

  • Mareka 5:2-10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Hang ha Jesu a tsoa ka sekepeng, monna e mong ea nang le modemona a mo khahlanyetsa a hlaha mabitleng. 3 O ne a lula mabitleng moo. Ho ne ho se na motho ea khonang ho mo tlama ka thata esita le ka ketane. 4 Batho ba ne ba ee ba mo tlame maoto le matsoho ka liketane empa o ne a li khaola. Ho ne ho se na motho ea nang le matla a ho mo tšoara. 5 O ne a itšeha ka majoe a bile a hoeletsa a sa khaotse bosiu le motšehare a le mabitleng le lithabeng. 6 Empa ha a re heli! a bona Jesu a le hojana, a matha ’me a mo khumamela.+ 7 A hoeletsa a re: “Hantle u mpatla’ng Jesu Mor’a Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa? Ikane ka Molimo hore u ke ke oa ntlhokofatsa.”+ 8 Etsoe Jesu o ne a ntse a re ho modemona eo: “Tsoa ho monna eo, uena modemona.”+ 9 Jesu a re: “U mang?” Eaba modemona eo o re ho eena: “Lebitso la ka ke Legione hobane re bangata.” 10 Bademona bao ba kopa Jesu ka makhetlo hore a se ke a ba lelekela ka ntle ho naha.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela