-
Mareka 9:19-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng koano.”+ 20 Kahoo, ba tlisa moshanyana eo ho eena. Empa ha modemona a bona Jesu, hang-hang a tsitsipanya ngoana eo. Ka mor’a hore a oele fatše a ’na a pitika, a khethetsa makoeba. 21 Eaba Jesu o botsa ntate oa moshanyana o re: “Ke nako e kae a le tjee?” A re: “Haesale a le tjena ho tloha bongoaneng. 22 Hangata o ne a mo lahlela mollong le ka metsing e le hore a mo bolaee. Empa haeba ho na le ntho eo u ka e etsang, re hauhele ’me u re thuse.” 23 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re: ‘Haeba’? Lintho tsohle lia khoneha bakeng sa motho ea nang le tumelo.”+ 24 Hang-hang ntate oa ngoana a hoeletsa a re: “Ke na le tumelo! Ke kopa u nthuse moo e haellang.”+
25 Ha Jesu a hlokomela hore letšoele le ne le tla ho bona le potlakile, a khalemela modemona a re ho eena: “Uena modemona ea etsang hore motho a se ke a khona ho bua le ho utloa, ke u laela hore u tsoe ho eena ’me u se ke oa hlola u kena ho eena.”+ 26 Ka mor’a hore modemona eo a mo tsitsipanye hangata, a hoeletsa eaba oa tsoa. Ngoana eo a bonahala eka o shoele hoo boholo ba batho ba neng ba re: “O shoele!” 27 Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa, eaba oa ema.
-