Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 12:38-42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Bangoli ba bang le Bafarisi ba mo araba ba re: “Mosuoe, etsa mohlolo re tsebe ho bona hore ehlile u ronngoe ke Molimo.”+ 39 A re ho bona: “Batho ba khopo le ba sa tšepahaleng* ba moloko ona ba ntse ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona haese mohlolo o etsahaletseng moprofeta Jonase.+ 40 Feela joalokaha Jonase a ile a ba ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali ka matsatsi a mararo le masiu a mararo,+ Mor’a motho le eena o tla ba ka mpeng ea lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.+ 41 Ka letsatsi la kahlolo, batho ba Ninive ba tla tsoha bafung le ba moloko ona ’me batho ba Ninive ba tla ba ahlola hobane ba ile ba baka ha ba utloa molaetsa oa Jonase.+ Empa ea teng mona o bohlokoa ho feta Jonase.+ 42 Mofumahali oa boroa o tla tsosoa bafung le batho ba moloko ona ka Letsatsi la Kahlolo ’me o tla ba ahlola hobane o ile a tla a tsoa sebakeng se hole haholo ho tla bona kamoo Solomone a leng bohlale kateng.+ Empa ea teng mona o bohlokoa ho feta Solomone.+

  • Matheu 16:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Batho ba khopo le ba sa tšepahaleng* ba moloko ona ba ntse ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona+ haese mohlolo o etsahaletseng Jonase.”+ Eaba oa tsamaea oa ba siea.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela