Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 34:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ke tla batlana le e lahlehileng,+ ke khutlise e hlahlathetseng, ke tlamise e lemetseng ke be ke matlafatse e fokolang. Empa ke tla felisa e nonneng le e matla ebile ke tla e ahlola.”

  • Matheu 9:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Joale e-eang ’me le ithute hore na mantsoe ana a bolela’ng: ‘Ke batla mohau eseng sehlabelo.’+ Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.”

  • Matheu 15:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Jesu a re ho mosali eo: “Ha kea romeloa ho mang kapa mang haese linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.”+

  • Luka 15:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 “Haeba motho a e-na le linku tse 100 ebe e le ’ngoe ea lahleha, na a ke ke a siea tse 99 naheng ebe o e’o batla e le ’ngoe eo e lahlehileng ho fihlela a e fumana?+

  • Baroma 5:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Empa Molimo o bontšitse hore oa re rata ka hore ebe Kreste o ile a re shoela re ntse re le baetsalibe.+

  • 1 Timothea 1:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Mantsoe a reng “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe”+ ke ’nete hape re tšoanela ho a lumela. Har’a baetsalibe bao bohle, ke ’na ea ka pele-pele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela