Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 22:15-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Joale Bafarisi ba tsamaea ’me ba rerisana hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+ 16 Kahoo, ba romela barutuoa ba bona ho eena hammoho le balateli ba Heroda+ ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore u ruta tsela ea Molimo ka ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho. 17 Re bolelle, u re’ng ka taba ee? Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” 18 Empa kaha Jesu o ne a tseba merero ea bona e fosahetseng, a re: “Baikaketsi, le ntekela’ng? 19 Mpontšeng chelete ea tšepe e patalang lekhetho.” Ba mo fa denari.* 20 A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” 21 Ba re: “Ke tsa Sesare.” Eaba o re ho bona: “Ka hona, le fe Sesare lintho tsa hae le Molimo le mo fe tsa hae.”+ 22 Ha ba utloa a cho joalo, ba hlolloa eaba baa tsamaea.

  • Mareka 12:13-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ka mor’a moo, ba roma ba bang ba Bafarisi le balateli ba Heroda ho eena hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+ 14 Ha ba fihla ba re ho eena: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che? 15 Re lefe kapa re se ke ra lefa?” Ha a lemoha boikaketsi ba bona a re ho bona: “Le ntekela’ng? Ntlisetseng denari* ke e bone.” 16 Ba e tlisa. A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho eena: “Ke tsa Sesare.” 17 Joale Jesu a re: “Le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ Eaba ba qala ho mo tsota.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela