Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 10:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Le be hlokolosi hobane batho ba tla le isa makhotleng a libaka+ ’me ba tla le shapela+ ka matlung a bona a thapelo.*+ 18 Hape le tla isoa ka pel’a babusisi le marena+ ka lebaka la ka e le hore le bolelle bona le lichaba ka tumelo ea lona.+

  • Matheu 24:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ka nako eo, batho ba tla fana ka lona hore le hlorisoe+ ebile ba tla le bolaea.+ Lichaba tsohle li tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.+

  • Mareka 13:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Le itlhokomele. Batho ba tla le isa makhotleng a libaka,+ ba le shapele ka matlung a thapelo*+ ba be ba le ise ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le ba bolelle ka tumelo ea lona.+

  • Liketso 25:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ka le hlahlamang, Agripa le Bernise ba fihla ka boikhohomoso bohle ’me ba kena ka holong le baokameli ba sesole le banna ba hlaheletseng ba motse. Festase a laela hore Pauluse a tlisoe.

  • Tšenolo 2:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 U se ke oa tšaba mathata a haufi le ho u hlahela.+ Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lona teronkong e le hore le ka lekoa kahohle ’me le tla ba le mahlomola ka matsatsi a leshome. U tšepahale ho fihlela lefung ’me ke tla u fa korone ea bophelo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela