-
Mareka 14:13-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Eaba o roma barutuoa ba hae ba babeli ’me o re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi. Le mo sale morao+ 14 ebe moo a tla kena teng le re ho mong’a ntlo: ‘Mosuoe o re: “Kamore ea baeti eo nka jellang Paseka ho eona le barutuoa ba ka ke efe?”’ 15 O tla le bontša kamore e kholo e mokatong o ka holimo, e nang le lintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 16 Barutuoa ba kena motseng ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse eaba ba lokisetsa Paseka.
-