-
Matheu 14:19-21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Ka mor’a moo, a re batho ba lule holim’a joang.* Eaba o nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuoa, barutuoa bona ba a fa batho. 20 Kahoo, bohle ba ja ba khora. Barutuoa ba nka bohobe bo setseng eaba bo tlala libaskete tse 12.+ 21 Ho ile ha ja batho ba ka bang 5 000 ho sa balelloe basali le bana.+
-
-
Mareka 6:39-44Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
39 A laela batho bohle hore ba lule ka lihlopha holim’a joang.*+ 40 Ba lula ka lihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41 Eaba o nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuoa, barutuoa bona ba a fa batho ’me Jesu a arolela bohle litlhapi tseo tse peli. 42 Kahoo, bohle ba ja ba khora 43 ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le litlhapi tse neng li setse.+ 44 Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000.
-
-
Luka 9:14-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuoa ba hae: “E-reng ba ikarole ba lule ka lihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa joalo eaba batho kaofela ba lula fatše. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso. A li qhetsola, a li fa barutuoa, barutuoa bona ba li fa batho. 17 Bohle ba ja ba khora ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng lijo tse setseng.+
-