Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 21:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Joale Jehova a re ho Moshe: “Etsa setšoantšo sa noha e chefo ’me u e behe holim’a palo. Haeba motho a lonngoe, o tla e sheba e le hore a tsoele pele a phela.” 9 Hang-hang Moshe a etsa noha ea koporo+ eaba o e beha holim’a palo.+ Ha noha e lomme motho ’me motho eo a sheba noha ea koporo, o ne a phela.+

  • Daniele 7:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Liponong tsa bosiu ka bona e mong ea joaloka mor’a motho+ a tla ka maru a maholimo. A lumelloa ho kena ho Moholo-holo oa Matsatsi+ ’me ba mo atametsa ka pel’a hae.

  • Matheu 26:64
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 64 Jesu a re ho eena: “E, ke eena.* Empa ke re ho lona: Ho tloha hona joale le tla bona Mor’a motho+ a lutse ka letsohong le letona la Molimo ea matla+ ’me a tla ka maru.”*+

  • Johanne 3:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Mor’a motho o tla phahamisoa+ feela joalokaha Moshe a ile a phahamisa noha lefeelleng+

  • Johanne 12:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Haeba ke fanyehoa,*+ ke tla hulela batho ba lichaba tsohle ho ’na.” 33 O ne a cho joalo ho bontša hore na o tla tloha a shoa joang.+

  • Bagalata 3:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Kreste o re lopolotse+ thohakong ea Molao ka hore ho rohakoe eena eseng rona hobane Mangolo a re: “Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang palong.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela