Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,

      O tla arolelana le ba matla thepa e hapuoeng

      Kaha o fane ka bophelo ba hae*+

      ’Me a balelloa har’a ba tlolang molao.+

      O jere libe tsa batho ba bangata+

      ’Me a kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

  • Bafilipi 2:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ho feta moo, ha a tla e le motho,* o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho fihlela a shoa,+ a shoela palong.*+

  • Baheberu 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa re bona Jesu, ea neng a entsoe ea tlasana ho mangeloi+ empa a putsoa ka khanya le tlhompho hobane o ile a shoa.+ Ka lebaka la mosa* oa Molimo, o ile a shoela motho e mong le e mong.+

  • Baheberu 12:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Re shebe ka hloko Moeta-pele e Moholo oa tumelo ea rona e leng Jesu+ Kreste, ea re thusang ho ba le tumelo e phethahetseng. O ile a mamella ha a ne a bolaeloa palong* ebile ha aa ka a soabela ho tlotlolloa hobane o ne a tseba hore o tla thaba ka moso. Hona joale o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela