-
Johanne 9:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Ha Jesu a ntse a tsamaea, a bona monna ea hlahileng a sa bone. 2 Barutuoa ba re ho Jesu: “Rabi,+ ha e le moo monna eo a hlahile a sa bone, ke mang ea entseng sebe? Na ke eena kapa ke batsoali ba hae?” 3 Jesu a re: “Ha se eena kapa batsoali ba hae ba entseng sebe empa e ne e le hore ka eena batho ba ka bona mesebetsi ea Molimo.+
-